MOLAETSA OA: MA-BAP
HO TSOA: OFISING EA LIKHOKAHANYO LE LIPHATLALATSO

Ma BAP a khabane, ho na le taba e ntseng e hlahella hore liboka tsa BAP li bonahala li leba ka lehlakoreng le le leng la Naha. Haho joalo beng baka.

BAP ke lekhotla le lecha ‘me ke ts’oanelo hore le potolohe le litereke tse leshome tsa Naha, le kantle ho eona, ho tsebisa Basotho ka lona, le seo le se emelang.

Kamora seboka sa Leribe, re hlokometse hore lithlophiso tsa setereke sa Berea li se li le pele haholo ho re lumella ho tsoelapele ka seboka se hlahlamang. Re khothaletsa litereke tse ling ho lula li le malala-a-laotsoe, le ho lemosa komiti ea nakoana ea ts’ebetso ka boitlhopho boo, e le ho tsoelapele ka tsona ho anela Naha, re ntse re laoloa hape ke boemo ba leholimo le Covid-19.

Re lumela ka tieo hore ha seboka se ts’oareloa lebatooeng le itseng kahara setereke, Mabatooa a bopang setereke seo, le a boahisane, a ka etsa sohle ho finyella sebakeng seo, joaloka Teyateyaneng, ho ea tseba ka lekhotla le lecha le maano a lona.

Re kopa bohle ho ts’ehetsa liboka tsa Moetapele le liqeto tsa Komiti ea ts’ebetso ea nakoana.

Media & communications,
BAP